Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Dithejane ya ditabeng o hapa kgau ya sebapadi sa kgwedi

Sebapadi sa TS Galaxy se tswileng tjaro ya mabonwa e boholwang ke dintja Puso Dithejane, o hapile kgau ya sebapadi sa kgwedi.

Dithejane ya qadileng sehla ka noto e hodimo, o hapile kgau ya kgwedi ya Pudungwane le Tshitwe ka kopanelo.

Kgau ena ke ya bobedi ya sebapadi sena ka mora hore a hape ya kgwedi ya phato nako e fitileng.

Sebapadi sena sa ntshetso pele ya Kaizer Chiefs, o ditabeng jwalo ka ha dihlopha diqadile ho bontsha kgahleho ho yena pele ho pulo ya thekiso ya dibapadi.

Dipapading tse 12 tseo a seng a dibapetse, Dithejane o habile dintlha tse 4 le ho thusetsa dintlheng tse 4 ho thusa sehlopha sa hae.

Le ha a ntse a bapala hantle, Dithejane ha a bitsetswa sehlopheng setla emela naha dipapadi tsa AFCON le ha a ne a bitseditswe sehlopheng se seholo [preliminary squad].

Ho ya lehlokwana la tsela, dihlopha tse tharo tse kgolo tsa Gauteng, diutlwahala dina le kgahleho ya ho fumana mohlankana enwa.

Ka lehlakoreng le leng, mokwetlisi wa Orlando Pirates Abdeslam Ouaddou, o hapile kgau ya mokwetlisi wa kgwedi ya Pudungwane le Tshitwe ka kopanelo.

Ouaddou o hapa kgau ena lekgetlo la bobedi ka tatellano ka mora ho hapa ya Phato le Lwetse.

Ouaddou le Pirates base ba bapetse dipapadi tse 9 ka tatellano ntle le ho hlolwa mehope e fapaneng.

Papadi ya ho qetela ke ha bane ba hlola Marumo Gallants ho makgaolakgang a Carling Knockout.

BALA HAPE: Broos o ntsha maikutlo ka ho leba ha Mbokazi America