Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Chippa United e ngola lengolo la tletlebo ka moletsaphala

Sehlopha sa Chippa United se nkile taba ya ho se kgotsofale ha bona le ho e fitisetsa pejana ka ho ngola lengolo le yang ho PSL.

Sehlopha sena ha sa kgotsofalla diqeto tsa moletsaphala papading ya bona le Sekhukhune moo Philangenkosi Khumalo eo a neng a laola papadi, a ileng a fana ka dithaho tse pedi tsa mekoko le ha Bradley Grobler a fositse ya bobedi.

Chippa e dumela ha diqeto tsena dile tshopodi le ho se utlwahale mme ba dumela ha hona le thekiso ya dipapadi (match fixing) e susumetsang diqeta tse nkang lehlakore.

Sehlopha se entse diphuputso tsa kahare tseo ba dumelang dibafile hore hobile le diqeto tseo moleletsaphala Khumalo a dinkileng dibontshitse tshekamelo, haholoholo thaho ya pele ya mokoko eo le batho ba bangata ba ntseng ba botsana ka yona.

Chippa e bapalletse maleka a 1 – 1 le Sekhukhune papading eo baneng ba etetse lebaleng la Peter Mokaba ka yona ka laboraro bosiu mme e ngotse lengole le kopang PSL ho fuputsa diqeto tsamoletsaphala.

Hose kgotsofale ha Chippa ke ntho e bonahalang dihlopheng selemo le selemo ka diqeto tsa baletsaphala empa Chippa ke sehlopha sa pele ho ngola lengolo la tletlebo ho PSL ka diqeto tsa moletsaphala.

BALA HAPE: Tinkler o re ba tsitlaletse meralong kgahlano le Chiefs