
Dlangalala ha makatswa ke ho hlolwa ha Amajita
Mokwetlisi e bile e le Moqhaqhulli wa papadi ya bolo Zipho Dlangalala, o re ha makatswa ke ho tswa ha Amajita dipapading tsa mohope wa lefatshe Chile.
Afrika Boroa e hlotswe ha bohloko ke Colombia ka ntlha tse tharo ho e le nngwe (3 – 1) dipapading tsa mantshano (last 16 Knockout).
Sehlopha sa mokwetlisi Raymond Mdaka se lekile tsohle le ho bapala hantle le fana ka tshepo ya bokamoso bo kganyang empa Colombia e ne e le matla ho fela.
Le ha hole jwalo, Dlangalala ha a dumele seo mme o lla ka hore sehlopha ha sa fumana tsohle tse hlokahalang ho itukisetsa dipapadi.
Puisanong le lesedinyana la Lisenethini, Dlangalala o hlalositse ha bohle ba romelwang mohopeng wa lefatshe e le mahlatsipa.
“Ha rena meralo ya boitukisong haholo ha papadi kapa mehope e le e bohlokwa. Re dula mehopolo ya bokebekwa ho re fumanela dintlha, e leng se fetolelwang ho tjhelete empa re sa fane ka tshehetso yohle e hlokahalang.”
Dlangalala o hlalositse ha ditlamorao e dula e le tse tshwanang empa hose letho le fetohang, o phethetse ka ho qotsa Albert Einstein ka hore “E bang o dula o phetha ntho e le nngwe, o tla dula o fumana moputso o tshwanang.”
BALA HAPE: Leeto la Amajita le fihlila pheletsong mohopeng wa lefatshe
