
Chippa Mpengesi o qhelela menyenyetsi ya dikoloto ka thoko
Modulasetulo wa Chippa United le Chippa Holdings Chippa Mpengesi, o hlakisitse menyenyetsi e ntseng e matha ya hore kgwebo ya hae e kolota baruta bana ba sekolo sa Africa School of Excellence.
Hoya ka se phatlaladitsweng ke City Press, modulasetulo e nwa wa Chippa United, o dikoloto tsa tjhelete e balwang hodimo ya meputso ya basebeletsi (teachers) le sekoloto ho SARS.
Mpengesi, o ngotse lengolo la maqhephe a mane ho hlalosa dintlha ho tloha qalang ha a neng a nka maikarabelo a School of Excellence le ho fetola lebitso hoba Africa School of Excellence.
Ka bokgutswane Mpengesi o hlalositse ha hobile le puisano le baqolotsi ba ditaba ba phatlaladitseng ha Mpengesi le kgwebo ya hae bale dikolotong.
Hona lengolong leo ke moo a hlalositseng ha lesedinyana la City Press le bile le menyetla ya ho ya hlwela dintho le ho netefatsa ha seo ba batlang ho ngola ka sona e le ntho e siyo empa ba tswelapele ho ngola le ha hole jwalo.
Mpengesi ha qhelela ka thoko taba ya ho buisana kgafetsa le SARS jwalo ka setheo se shebebaneng le kgutliso ya lekgetho ls dikgwebo empa ha dumela taba ya hore o dikolotong jwalo ka ha City Press e ngotse.
Taba ena, e tlaba pale e tswelapele jwalo ka ha City Press e lokela ho hlakisa bopaki bo tshehetsang seo ba ngotseng ka sona ho hanyetla kapa ho bontsha nyalano le seo Mpengesi a se hlalositse lengolong la hae.
BALA HAPE: Arthur Zwane o re Sundowns e tla kopana le pela difalla
