Ditaba tsa moraoraoKrikete

Di’Proteas tsa basadi dilatswa tlholo ya pele

Sehlopha sa basadi sa di’Proteas, se hapile papadi ya bona ya pele mohopeng wa lefatshe wa krikete ka wicket tse tsheletseng kgahlano le New Zealand.

Di’Proteas dibapetse papadi ya bobedi dile tlasa kgatello ka mora hore dihlolwe ha bohloko papading ya pula madiboho ka wicket tse leshome (10 wickets defeat) ke sehlopha sa England ka mora ho etsa mematho e 69 ba tswile kaofela.

Barwetsana ba Afrika Boroa, ba lwanne kgakgaulane molamu wa hlooho ha bane ba lelekisa mematho e 231 e beuweng ke New Zealand makenong a bona.

Sebapadi se akgelang Nonkululeko “Lefty” Mlaba, o etseditse New Zealand moferefere ka bolo jwalo ka ha a ketotse dibapadi tse nne ho etsa bonnete ba hore All Blacks, haba fete 231.

Ka nako ya bona ya ho otla, sebapadi sa Afrika Boroa Tazmin Brits o lwanne ka tsohle ho etsa bonnete ba hore ba fumana tlholo ya bona ya pele ha a ne a etsa mematho e 101 pele a ketolwa.

Sune Luus, le yena o bapetse karolo ya bohlokwa ka mora ho etsa selekane le Brits mme yena eo etse mematho e 81 a satswa.

Sehlopha se qetile makeno a sona se dutse memathong e 232 ho tswile dibapadi tse 4 ka ovara tse 40.5 le ho sehlopha tlholo ya wicket tse tsheletseng (6 wickets win).

Tlholo ena e beha sehlopha boemong ba bohlano tafoleng ya dihlopha tse robedi tse teng mohopeng wa lefatshe.

Papadi e latelang ya di’Proteas, e tlaba teko e matla haholo jwalo ka ha batla bapala le India e dihulang pele ka tlholo tse pedi. Papadi ena etla bapala ka la robong motsheare ka 11:30 ka nako ya kwano Afrika Boroa.

BALA HAPE: Mokwetlisi Conrad o hlalosa ho kgutla ha De Kock