
Dr. Ivin Khoza o bua ka dinyewe ho PSL
Modulasetulo wa Mokgatlo o tsamaisang bolo (Premier Soccer League) Dr Ivin Khoza, o re taba ya dinyewe tse dulang kgafetsa ke bothata.
Khoza o buile sena moo a neng a araba dipotso ka tse ding tsa dintho tse etsahalang papading ya bolo ka hare ho Afrika Boroa.
Pejana pele sehla se qala, hone hona le tshoso ya hore sehla se ka seqala ka nako ka lebaka la nyewe e neng e hlahletswe ke Cape Town City.
City e ne e tseka ha Marumo Gallants e sebedisitse sebapadi se seng dibukeng tsa bona mme ba dumela ha Gallants e tla nkelwa dintlha le ho theolelwa leking e tlase.
“Batho ba batla tsela tse haufinyana mme seo se kotsi. E bohloko hore sehla se seng le se seng ho dula hona le ditaba tsa mofuta ona,” ho realo Khoza ho iDiski Times.
“E qadile ka sehlopha sele seng sa Leruma mme tse ding (Cape Town City le Cape Town Spurs) di sebedisitse tokomane eo. Re lokela ho lekola hore sesosa ke eng.”
Khoza o tswetse pele ho hlalosa ha batho ba reka dihlopha ka ho rata bolo jwalo ka batshehetse empa ba sa tsebe mosebetsi o lokelang ho etswa ha ona le sehlopha.
“Empa e tla dula e etsahalang hobane batho ba masene. Sheba dinyewe tsa boipiletso di kae! Kaofela ha tsona ke bothata bole bong.”
“Bohloko ba taba ke hore ke batho ba fihlang papading. Bolo ke pitso, o fumana tjhelete ha o tsetetse tjhelete le hoba le batshehetse ba ditjhelete.”
Khoza o hlalositse ha tsena tsohle dilokela ho shejwa ka kelohloko hobane di theola le ho nyenyefatsa seriti sa papadi ya bolo Afrika Boroa.
BALA HAPE: pirates-le-sundowns-ditshabana-bophatswa
