
Sandile Zungu o aletsa ka bokamoso ba Zwane sehlopheng
Mopresidente wa sehlopha sa AmaZulu Sandile Zungu, o aleditse ka bokamoso ba mokwetlisi wa sehlopha Arthur Zwane ho kokobetsa lerata le neng le qala hoba teng ka mora hore sehlopha se etse diphetoho tsamaisong.
Zwane o lebile sehlopheng sa Usuthu ka 2024 moo a fihlile a etse diphetoho le ho nka sehlopha a se beha maemong a hodimo ho feta moo a se fumaneng teng ka nako eo a neng a fihla.
Puisanong e ikgethang le KickOff, Zungu o tsibisitse ha a kgotsofetse ke tshebetso ya Zwane le dintlafalo tseo a tlileng le tsona sehlopheng.
“Re kgotosfetse ka yena,” ho realo Zungu puisanong le KickOff.
“O kgona ho bona hore re leka ho aha ka makejakejane a tlaba malala-a-laotswe sehleng kapa tse pedi tse tlang ha fela e ntse e le karolo ya sehlopha.”
“Mokwetlisi Arthur o sebetsa hantle le ntshetso pele. Ba etsa diphoso empa o sebetsa hantle le bona jwalo ka ha e le dibapadi tse tlase dilemong.
Zungu o hlalositse ha Zwane a tseba meralo le maikemisetso a sehlopha le hore ba batla ho qeta sehla ba dutse boemong bo bokae.
“Re batla maemo a bone [position 4]. Ke boemo ba bakwetlisi bohle ba sehlopha. Ke dumela ha maemo a boraro le le ona a ntse a ka kgonahala le letsatsi le ntse phirimella sebaka seo empa maemo a bone ntse re ka kgona ho a fihlela.”
AmaZulu e dutse boemong ba bone ka dintlha tse 39 ka mora dipapadi tse 25. Dipapading tsa ho qetela tsa sehla, sehlopha setla tobana le:
25 April – vs Chippa United (Home)
6 May – vs Mamelodi Sundowns (Away)
10 May – vs Sekhukhune United (Away)
16 May – vs Kaizer Chiefs (Home)
23 May – vs Durban City FC (Away)
BALA HAPE: Roger De Sa o tla kwetlisa mohopeng wa lefatshe hape
