Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Flavio Silva o re o tseba dibapadi tsa Angola

Setlabotjha sehlopheng sa Kaizer Chiefs Flavio Silva, o re o tseba seo batla kopana le sona ha ba thulana le Kabuscorp ya Angola.

Chiefs e kene leetong ho leba Angola e le papadi ya pele ya CAF Confederation, moo batla kopana le sehlopha sa Kabuscorp.

Silva, o hlalositse ha ho holela naheng ya Portugal ho mothusitse ho tseba dibapadi tsa Angola le tsela eo ba bapalang ka yona.

“Ke dibapadi tse masene empa re na le dibapadi tse hlwahlwa tse nang le bokgoni mme rena le tshepo bokgoning ba rona.”

Silva ya seng a hlabile dintlha tse pedi dipapading tse pedi, o hlalositse ha mehopolo ya bona e le ho hapeng papadi.

“Re bapalla sehlopha se seholo mme ke dumela ha re hloka monahano wa ho hapa papadi. Re na le mohopolo o le mong fela mme ke ho hapa papadi.”

“Ke lekgetlo la pele ke bapala ho CAF mme ke ikemiseditse ho fana ka tsohle tsa ka papading le ho dibapadi mmoho.”

Pejana kajeno Chiefs e tswile puo lekgetlo la pele ka taba ya mokwetlisi Nabi le ho hlalosana ha Nabi e se karolo ya sehlopha se Angola.

Sehlopha se hlalositse ha dipuisano ditswela pele dipakeng tsa Nabi le sehlopha ho fumana tharollo ya bothata bo teng mme ho utlwahala ha Nabi a ke ke a tswelapele jwalo ka mokwetlisi.

Chiefs e tla nkana le Kabuscorp hosane ka hora ya bohlano thapama.

BALA HAPE: Kaizer Chiefs e kanna ya arohana le mokwetlisi Nabi