
Ox Nche o re ba lokela ho boya sekwele
Sebapadi sa di’Springboks Retshegofaditswe ‘Ox’ Nché o re ba lokela ho boya sekwele jwalo ka sehlopha ka mora ho hlolwa.
Nché o buile sena ka mora hore sehlopha sa naha se hlolwe ke Australia ka dintlha tse 22 – 38, papading e bapalletseng lebaleng la Ellis Park ka moqebelo.
Springboks bao e leng bona batshireletse ba sekola sa ‘The Rugby Championship’ ba hlabile dintlha tse 22 ho nka ketapele pele Australia e kgutla le ho ba bontsha sepoko sa motshehare.
Australia, e hlabile dintlha (tries) tse 6 ho nka ketapele le ho hapa papadi eo Afrika Boroa e ne e nahana e qetile ka yona.
Nché o hlalositse ha ka kgefutso molaetse o ne o le bobebe “dulang meralong” mme bona jwalo ka dibapadi ba fositsi mokubetso ba se dule meralong.
“Re lokela ho hapa mohope ona wa Rugby Championship,” ho realo Nché.”Ba hlabile dintlha (tries) tse tharo ha bobebe ho tswa diphosong tsa rona.”
“Ba bonahetse ba le mahlahahlaha, malala-a-laotswe le ho sebedisa menyetla ha rona re sa etsa jwalo. Re lokela ho tsepamisa maikutlo le ho dula meralong.”
Ha araba potsong ya se lokelang ho etswa, Nché o hlalositse ha ba loleka ho sebetsa ka thata.
“Ho ya ka nna, re lokela ho sebetsa ka thata, re itukise ka matla. Re lokela ho etsa tsa papadi e fitileng le ho lokisa diphoso,” ho realo Nché a phethela.
Afrika Boroa e nkile leeto hoya Kapa mme batla qala ho itukisetsa papadi ya bona ya bobedi ka moqebelo le Australia.
BALA HAPE: springboks-di-amohela-diwallabies-ho-championship
