
Ertugral o ntsha maikutlo ka ho jariswa maikarabelo ha Shabalala le Vilakazi
Mokwetlisi wa mehleng wa Kaizer Chiefs Muhsin Ertugral, o ntshitse maikutlo ka maikarabelo a fuwang dibapadi tsa sehlopha tse saleng tlase dilemong.
Ertugral, o buile ka ditshehollo tseo Mfundo Vilakazi le Mduduzi Shabalala ba fetang ho tsona ka nako eo ba sa sebetsang hantle.
“Ho sehollla Mfundo Vilakazi le Mduduzi Shabalala ho etsa ke nahane,” ho realo Ertugal.
“Dibapadi tse nyane ha dia lokela ho jara boima ba ditebello tsa sehlopha. Ha ngata tse tlase dilemong difetoha mahlatsipa a ditshehollo e seng ntho e ba loketseng.
Maikutlo a Ertugral, a tla ka mora hore Shabalala a fete ditshehollong tse matla ka nako e fitileng ka mora ho hlolwa ke ho sebedisa emeng ya menyetla
“Dihlopha tse nang le nalane e tjena di tshwanetse ho sebetsa ka ponaletso, mme ba leng maemong a ho etsa diqeto ba tshwanetse ho nka bohato ka boikarabelo le ka maikemisetso a leano.”
Ertugral o hlalositse ha sehlopha se lokela hotla ka mawa a tla sebetsa le ho imola dibapadi tsa ntshetso pele maikaralo a ho jara sehlopha.
Chiefs e tla kena papadi ya Soweto Derby ka moqebelo mme tebello ke ho bona hore bakwetlisi batla sebedisa dibapadi dife le hore Shabalala le Vilakazi e tlaba karolo ya sehlopha.
