Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Ethan Chislett: Sena ke qalo feela

Setlabotjha sehlopheng sa Kaizer Chiefs Ethan Chislett, o hlalositse ha seo batshehetsi ba se boneng, e le qalo feela.

Chislett, o ne a qalang ho fumana monyetla wa ho bapala ha Chiefs e ne e thulane le sehlopha sa Stellenbosch.

Le ha Chiefs e hlotswe ka 2 – 1, Chislett, o bonahetse a kgahlile mahlo a batshehetsi ba sehlopha ba thabetseng ka moo a bapetseng ka teng le ho batla ho bona a bapala kgafetsa.

Ka molomo wa hae, Chislett o tlalositse ha tswe bonweneng ka papadi ya hae ya pele, e le dinyana le hore o ne a thabile.

“Sena ke qalo feela,” ho realo Chislett.

“Ke motsotso o kopantseng bohloko le thabo, empa ke motlotlo ho feta mantswe ho bapala papadi ya ka ya pele (debut) ya ka bakeng sa Kaizer Chiefs,” ho boletse sebapadi sa bohareng se hlaselang.

Chislett o hlalositse ha tsena tsohle, e le ka lebaka la dintho tsohle tse etsahetseng pele ho papadi ya hae ya pele sehlopheng.

“Kgoreletso e nngwe le e nngwe, thuto e nngwe le e nngwe, le sehlabelo se seng le se seng se ntsamaisitse mona. Ke leboha monyetla, ke leboha beche, mme ke leboha bohle ba nkentseng tshehetso tseleng ena.”

Tebello ke ho bona e bang bakwetlisi ba Chiefs, batla fa Chislett metsotso e meng ya papadi ka moqebelo kapa o tla tlodiswa mahlo jwalo ka nako e fitileng.

BALA HAPE: Ertugral o ntsha maikutlo ka ho jariswa maikarabelo ha Shabalala le Vilakazi