
Batshehetsi le botsamaisi bo fapaneng ka maikutlo tabeng ya Mngqithi
Batshehetsi ba sehlopha se hafang ka nkatana sa Young Africans e tsejwang ka Yanga, ba bonahetse basa kgotsofala ka mokwetlisi Manqoba Mngqithi.
Ho ya ka mehlodi ya ditaba naheng ya Tanzania, batshehetsi ba Yanga ba halefitsitswe ke tlholo ya mafelo a beke moo sehlopha se hlotsweng ke Simba SC ka 2 – 1 papading ya Kariakoo Derby.
Kgalefo ena e tsositse morusu moo ho utlwahalang ha ba bang ba batshehetsi ba batla Mngqithi a tsamaye sehlopheng le ha e le tahlehelo ya hae ya pele.
BALA: Sundowns e amohela mokwetlisi wa Richards Bay ka thupa
Le ha hole jwalo, ho utlwahale ha botsamaisi ba sehlopha bo tshehetsa Mngqithi le ho dumela ha e le motho ya nepahetseng ho etella sehlopha pele.
Simba, e dutse boemong ba pele ka dipapadi tse 8 tseo e dihapileng kaofela mme boemong ba bobedi ke Yanga ka dipapadi tse 7 le tlholo tse 6.

Tebello ke hi bona hore kgatello ya batshehetsi e tla kokobela ha Mngqithi a ka hapa dipapadi tse ding tse latelang kapa e tla tswelapele ho tota.
BALA: Sabah ya McCarthy e hapa papadi ya pele ya UCL League Phase
