Ditaba tsa moraoraoKrikete

Pakistan e qeta letsatsi la pele e le ka botleng

Naha ya Pakistan e qeta letsatsi la pele e le ka botleng papading ya teko (Test Cricket) kgahlano le Afrika Boroa tekong ya pele.

Pakistan, e amohetse Afrika Boroa bakeng sa letoto la dibapadi tsa mefuta e meraro kaofela tse tla bapala nako ya kgwedi le sekgeshana.

Baamohedi ba baeti, ba hapile lotho le ho kgetha ho otla pele e leng se bonahetseng se ba sebeletsa ka bokgabane. Pakistan e qetile letsatsi la pele e dutse memathong e 313 ho ketotswe dibapadi tse hlano (313/5).

Sebapadi se bulang Imam Ul-Haq (93) le Shan Masood (78) ba ahile lebota le keneletseng pele Senuran Muthusamy le Prenelan Subrayen ba hlasela le ho baketola.

Le ha hole jwalo, Mohammed Rizwan (62*) le Salman Agha (52*) ba kgutlisitse botsitso ka mora hore Afrika Boroa e bonahale e batla ho nka taola ya papadi.

Rizwan le Agha, ba qetile letsatsi la pele (stumps) ba le kgabong mme batla qala letsatsi la bobedi e le bona ba hlaselong ha Afrika Boroa yona e leka ho ba ketola.

Kagiso Rabada, Simon Harmer le Subrayen, ba ketotse sebapadi ka seng ha Muthusamy a ketotse dibapadi tse pedi.

Papadi e tla tswelapele hape hosane hoseng ka hora ya bosupa (07:00) hoseng ka nako ya Afrika Boroa mme yona e bapalla lebaleng la Gadafi, Lahore.

BALA HAPE: Namibia e makatsa Afrika Boroa motse moholo Windhoek