
Gallants e arabela qetong ya Swallows ya ho leba lekgotleng
Sehlopha sa Marumo Gallants se arabetse qetong ya Swallows ya ho leba lekgotleng la dinyewe le ho kwenehela qeto ya ho rekisitsa Gallants maemo a yona.
Qeto ya Swallows e tla ka mora seo base hlalositseng jwalo ka ‘ho hloleha ha Gallants ho fihlela dipehelo tsa tumellano ya sethathong’.
Swallows le Gallants dikene tumellano ya thekisetsano ya sehlopha ka 2024 ho kenyeleditse tse ding tsa ditumellano tsa ho arola moputso ya thekiso dikoto tse tharo.
Karabelong ya bona ka lengolo leo ba lengotseng phatlalatsa, sehlopha se hlalositse hase ke ke sa arabela dipotso jwalo ka ha taba ena e le lekgotleng la dinyewe.
“Ha jwale taba ena e makgotleng a dinyewe mme sehlopha se ke ke sa tshwaela kapa ho arabela dipotso e le ho hlopha makgotla a dinyewe,” ho realo sehlopha [Gallants].
Sehlopha se netefaleditse batshehetsi ba sehlopha le ba ditjhelete hore tsohle ditla tswelapele jwalo ka tlwaelo mme le sehlopha setla tswelapele ho leka ho lwanela hoba maemong a hantle ho Betway Premiership.
Gallants e hlotswe dipapadi tse tsheletseng ka tatellano mme e se e bapatse dipapadi tse robedi ntle le tlholo.
Papadi e latelang ya sehlopha e tlaba kgahlano le Durban City kala 01 Hlakubele e le papadi ya bona ya lapeng.
BALA HAPE: Pirates e tla tobana le Sundowns ho ntshetsa pele nalane
