
Richards Bay e tswelapele ho fetola Umhlathuze kgohlo e lefifi
Sehlopha sa tsekang boemong dihlopheng tse 8 tse ka hodimo sa Richards Bay, se bapetse maleka a 0 – 0 le batshireletsi ba sekola sa Betway Premiership.
Richards Bay, e ne e amohetse Mamelodi Sundowns lebaleng leo dihlopha dikgutlang dihlotsa la Umhlathuze ka sontaha moo dihlopha ditswileng ka lebaleng ho se ntlha e hlabilweng.
Sehlopha sena sa KwaZulu-Natal se nkile qeto ya ho bapalla lebaleng lena ka mora dipapadi tse mmalwa le ho bona hore botshehetsi le bona bo botle.
Sundowns e kena palong ya dihlopha tse kgolo tsa Gauteng ho kena le hotswa Umhlathuze basa fumana dintlha tse tharo ka mora hore Kaizer Chiefs e hlolwe ha Orlando e bapetse maleka lebaleng leo.
BALA HAPE: Baroka e rengwa ke selepe se lebisang ho ABC Motsepe League
Sundowns, e se e bapetse dipapadi tse pedi ka tatellano moo baseng ba lahlehetswe ke dintlha tse nne lebellong la ho hapa sehla.
Sehlopha setla tswa se dutse boemong ba bobedi ka dintlha tse 58 ka mora dipapadi tse 25 ha Richards Bay e dutse boemong ba 10 ka dintlha tse 31 ka mora dipapadi tse 26.
Lebelo la ho hapa sehla le bulehile jwalo ka ha Sundowns e ntse e le morao ka papadi le ha Pirates e le yona e ka hodimo ka ntlha papisong le Sundowns.
BALA HAPE: Chiefs e ngangana le Pirates ka ntlha ntweng ya Soweto
