
Mokwetlisi wa Panama ha kgelle Afrika Boroa fatshe
Mokwetlisi wa naha ya Panama Thomas Christiansen, o hlalositse ha a lebelletse papadi e matla kgahlano le sehlopha sa Afrika Boroa.
Ha a bua sebokeng sa boraditaba, Christiansen o hlalositse ha ba entse diphuputso tse keneletseng ka dibapadi tsa Bafana Bafana mme ba tseba hantle seo batla kopana le sona.
“Re hlahlobisitse dipapadi tse ding tse fitileng mme re bone hore etlaba papadi e matla,” ho realo Christiansen.
Christiansen, o qhwaile dibapadi tsa Orlando Pirates le Mamelodi Sundowns e le tse ding tsa dibapadi tse ka ba kenyetsang metsi ka moedi.
“Ke naha enang le dibapadi tse ntle tse bapalang kantle le tse ngata tse bapallang Orlando Pirates le Mamelodi Sundowns.”
“Ke nahana ke dipapadi tse 13 hotswa dihlopheng tseo mme re ithutile bona le hore ba bapala jwang dipapading tsena tsa ho itukisetsa mohope wa lefatshe.”
Dinaha tse pedi tsena ditla nkana kgikgitha dipapading tse pedi tsa setswalle. Papadi ya pele e tla bapala kajeno thapama [27 Hlakubele] lebaleng la Moses Mabhida ka 19:00.
Papadi ya bobedi e tla bapala ka labobedi la 31 Hlakubele motsemoholo Cape Town mme papadi e tla thakgoha ka 19:30.
BALA HAPE: Booth o tshwaetse maikutlong a ntseng a matha ka Ime Okon
