
Pirates e atolosa nako ya selekane le batshehetsi
Sehlopha sa Orlando Pirates se atolositse nako ya selekane sa bona le batshehetsi ba bona ba nako e lelele.
Pirates e atolositse selekane sa bona le batshehetsi ba diaparo ka dilemo tse ding tse hlano hodima tseo ba seng sa disebeditse.
Sehlopha sena sa Orlando se qadile ho kena ditumelanong le Adidas dilemo tse 30 tse fitileng (1996) mme selekane sena setla matha hape bakeng sa dilemo tse ding tse hlano.
Adidas ke le leng la matshwao a atlehileng ka ho fitisisa dipapading le papading ya bolo mme selekane sa bona le Pirates, ke se se lelele ka ho fitisisa le sehlopha sa kwano Afrika Boroa.
Ka nako ya phatlalatso, modulasetulo wa Pirates Dr Ivin Khoza, o hlalositse ha selekane le Adidas e se taba ya tshehetso fela.
‘Dikamano tsa rona hase setshehetso fela, ke ho aha tshepo, boleng, dipono tsa ho hodisa sehlopha sa Orlando Pirates lefatshe ka bophara,” ho realo Khoza.
Pirates ke se seng sa dihlopha tse rekisang diaparo tsa dihlopha ka ho fitisisa ka hara Afrika Boroa mme katoloso ya bona ya tshebetso le Adidas e bolela hore tshebetso e ntle e tla tswelapele.
BALA HAPE: Kaizer Chiefs e phatlalatsa batshehetsi ba batjha
