Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Lenane la bakwetlisi ho hlahlama Broos le qala ho nyoloha

Lenane la mabitso a bakwetlisi bao ho lekangwa a tla kena dieteng tsa Broos, le ntse le nyoloha jwalo ka ha mabitso a bakwetlisi a qala ho bitswa.

Lebitso la Pitso Mosimane le netefaditswe ke mokgatlo o tsamaisang bolo wa SAFA hore ke e mong wa bakwetlisi ba ikatellang mosebetsi.

Mabitso a mang a bitswang le ha mokgatlo o so tsibisi, ke Helman Mokhelele ya sebetsang jwalo ka motlatsa mokwetlisi sehlopheng se kwetliswang ke Broos.

Lebitso le leng le qomang ke la mokwetlisi ya lebileng mohopeng wa lefatshe ho thusa Tunisia Hervé Renard.

BALA: Chicago Fire e tekena mohlabadintlha wa mantlha lefatsheng

Renard o na le boiphihlelo bo makatsang papading ya bolo Afrika moo a hapile AFCON le dinaha tse pedi tse fapaneng.

SAFA e tla tobana le mosebetsi o moholo wa ho hlwaya mokwetlisi jwalo ka ha nako ya dilemo tse hlano ya Broos e fihla pheletsong.

Boholo ba balatedi bo batla hore sehlopha se kwetliswe ke letswallwa la Afrika Boroa empa qeto ya ho qetela e tla nkwa ke mokgatlo wa SAFA.

BALA: Sehlopha sa Belgium se eletswa ho fumana ditshebeletso tsa Mofokeng