Bolo ya maoto

Hack o lepa ha Ribeiro a ka lahlehelwe ke nyewe

CEO ya mehleng ya SAFA e bile e le leqwetha dipapading Raymond Hack, o lepa ha Lucas Ribeiro a ka lahlehelwa ke nyewe eo a e hlahletseng ho FIFA kgahlano le Sundowns.

Hack o re le ha Ribeiro a kaba le leqwetha le matla, ha a bone a ka hlola nyewe ka ha melawana e sebediswang ho sheba nyewe ya mofuta ona ya fapana Europe le Africa.

“Ha ke bone seo sebapadi se ka itshwarellang ka sona nyeweng ena, Le ha leqwetha le kaba matla. Sebapadi se kase tlohele mosebetsi (termination) hobane fela hona le dihlopha tse mmatlang.”

Hack o hlalositse ha melawana ena e kenwe ka lehare ke makgotla a dinyewe a European e seng ha kalo makgotla a botsamaisi ba bolo ke ka hoo e fapaneng.

“Mona ke nyewe eo makgotla a dinyewe Europe (European court of justice) a fumaneng molawana ona o sa ipapise le melao ya Europe, e seng a Afrika kapa melawana ya CAF. Ka hoo, ke taba e batlang e fapane mabatong a mabedi a na,” ho realo Hack.

Ribeiro o ile a kata Sundowns ka samane ya ho emisa hang-hang (termination letter) botho ba hae sehlopheng ka mora hore sehlopha se hlolwe ke ho fihlella ditumelano le dihlopha tse hlokang ditshebeletso tsa hae.

Ribeiro o ne a batlwa ke sehlopha sa Percy Tau sa mehleng Qatar SC, o ditlaleho dikumang ha e ne e lefa ho feta boleng ba sebapadi.

Sehlopha se seng seneng se hloka Ribeiro ke sa Fluminense ya Brazil moo Ribeiro a tswalwang teng. Le ha hole jwalo, ha ho tumellano e bileng teng ke ka hoo sebapadi se nkileng mehato ho ya ho FIFA.

BALA HAPE: mokwetlisi-wa-mamelodi-sundowns-o-lla-ka-mokgathala