Bolo ya maoto

Jose Riveiro o sokola morethetho Egypt

Mokwetlisi wa mehleng wa Orlando Pirates Jose Riveiro, o bonahala a so fumane morethetho sehlopheng sa Al Ahly ka mora ho bapala maleka a 0 – 0 le GhazI El Mahallah.

Riveiro ya tlohileng ho Pirates ho leba Egypt, o se a bapetse dipapadi tse tharo mme o bokeleditse dintlha tse hlano fela e leng ntho e sa tlwaelehang sehlopheng sa Al Ahly ha sehle se qala.

Papading e bulang sehla bompudi bana ba Afrika makgetlo a leshome ba bapetse maleka a 2 – 2 le Modern Sport mme ba bang ba dibapadi tsa mehleng ba ne ba sa kgotsofalang ke sephetho seo.

‘The Reds’ jwalo ka ha ba tsejwa, ba ile ba boya sekwele le ho hapa papadi ya bona ya pele ya sehla ha bane ba hlola Pharco ka ntlha tse nne ho tse pedi (4 – 2) mme ka mora moo ba bapala maleka hape.

Al Ahly ke se seng sa dihlopha tse sa nahaneng ha bedi ho ka leleka mokwetlisi e bang a sa hape dipapadi haholo mohopeng wa CAF Champions League.

Papadi e lateng ya Al Ahly, e tla nkana le bompudi ba jwale ba Afrika e leng Pyramids eo le yona e so fumane morethotho hobane ba dutse ntlheng tse hlano (5) ka mora dipapadi tse nne (4 games).

Makgetlo a mabedi a ho qetela dihlopha tsena di thulana, dibapaletse maleka a 1 – 1 le 2 – 2 ka ho fapana. Papadi e lateng e tla bapala ka la 30 Phato lebaleng la Al Salam, Cairo.

BALA HAPE: abdeslam-ouaddou-o-etsa-kopo-batshehetsing