
Mokwetlisi wa Gallants o tletleba ka boitshwaro ba sebapadi
Mokwetlisi ya motjha wa Marumo Gallants Ronnie Kananelo, o tletlebile ka boitshwaro ba seng sa dibapadi tsa hae.
Seboko sa Kanalelo setla ka mora hore sehlopha se hlolwe ke Orlando Pirates ka 2 – 0 papading e bapetseng ka sontaha thapama.
Kananelo o ne a qala ho bapala jwalo ka mokwetlisi wa Gallants ka mora ho phatlalatswa bekeng e fitileng moo a ileng a e tsa kano ya ho hlola Pirates.
Ha a bua ka mora papadi, sebapadi sena sa mehleng sa Mamelodi Sundowns se hlalositse ha boitshwaro ba Katlego Otladisa bosa kgahlisi.
Kene kesa thabela boitshwaro boo a neng a tshireletsang ka bona, o ne a sa bontshe mahlahahlana,” ho realo Kanalelo.
“O ne a nka nako ho etsa diqeto ka mora ho lahlehelwa ke bolo mme o ke ke wa etsa seo kgahlano le sehlopha se matla jwalo ka Pirates. O lokela ho sebedisa menyetla e hlahang.”
Otladisa o bapetse metsotso e kabang 22 ya papadi pele Kanalelo a nka qeto ya ho montsha ka lebaleng.
Gallants e dutse mohatleng wa tafole ya dihlopha ho Betway Premiership ka dintlha tse pedi ka mora dipapadi tse supa.
7 Games Played
0 Wins
2 Draws
5 Defeats
2 Points
BALA: Da Cruz o lla ka bahlabadintlha ba sa sebedising menyetla
