Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Mokwetlisi Mdaka o na le tumelo ka Mbekezeli Mbokazi

Mokwetlisi wa sehlopha sa naha sa bahlankana ba dilemo tse ka tlase ho tse 20, Raymond Mdaka, o hlalositse ha a ke ke a qhelela ka thoko kgonahalo ya ho ba karolo ha sehlopha ha Mbekezeli Mbokazi.

Mbokazi ha se karolo ya sehlopha hana jwale empa o teng meralong ya sehlopha le hae e le karolo ya sehlopha se seholo sa Bafana Bafana setla nkana le Lesotho le Nigeria.

Mdaka, o hlalositse ha jwalo ka sehlopha baka thabela boteng ba hae hobane ke sebapadi se boiphihlelo se holetseng ka hara sehlopha.

“Ha ke tlo bua haholo ka seo empa re kanna raba le yena, o kase tsebe. Nka tloha ka bua ka tloha ke qhaneha kariki ka pela dipere,” ho realo Mdaka.

“Ke sebapadi se matla se holetseng ka hara sehlopha mme reka thabela hoba le yena hobane o tlisa boleng. O teng le naneng la rona empa ha jwale nke ke ka bua ho feta mona.”

Mbokazi ke lekejakejane le ntseng le tswelapele ho ingola ka tlhaka tsa mollo jwalo ka ha e le setho sa bohlokwa sehlopheng sa hae sa Orlando Pirates.

Mdaka le sehlopha, bantse ba itukisetsa ho lo bapala mohopeng wa lefatshe wa ba dilemo tse ka tlase ho tse 20 naheng ya Chile mafelong a kgwedi ena ya Lwetse.

BALA HAPE: kampo-ya-amajita-e-tswelapele