Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Infantino o re Iran e ka leba America le ha ntwa e lwana

Mopresidente wa FIFA Gianni Infantino, o hlalositse ha naha ya Iran e amohetswe mohopeng wa lefatshe.

Mantswe a Infantino a tla ka nako eo America le Israel dihlaselang Iran ka diqomane ntweng e mahlo a makgubedu e kgaolelang batho ditshiu.

Iran ke e nngwe ya naha tse lokelang ho bapala mohopeng wa lefatshe empa ka lebaka la ditlhaselo tse ntse dietswa naheng eo, ho bonahala sehlopha se keke sa lebala America ke mabaka a ho paballa.

Pejana bekeng ena Infantino o kopane le mopresidente wa America Donald Trump, ho seka seka tse ding tsa diketsahalo tsa moraorao.

Ka mora kopano eo, ke moo Infantino a hlalositseng ha Trump a boletse hore Iran jwalo ka naha e nngwe le e nngwe, e amohetswe mohope wa lefatshe.

“Re buile ka maemo a ha jwale a Iran le sehlopha sa bona se lokelang ho leba mohopeng wa lefatshe,” ho realo Infantino.

“Ka nako ya puisano le Trump, o boeleditse hore sehlopha sa Iran se amohetswe ka hara naka ya America.”

Kaofela re hloka dipapadi tsa mohope wa lefatshe ho kopanya batho ho feta pele mme ke leboha mopresidente wa United States ka tshehetso le ho bontsha hore papadi ya bolo e ka kopanya lefatshe.”

Le ha hole jwalo, tebello ke e kgolo ya hore Iran e ke ke ya leba America ho latela diketsahalo tse ntseng dietsahalla le tse etsahetseng pele ho ntwa.

BALA HAPE: Ncikazi ha halale Richards Bay le ha e le tlase