Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Pirates e hlola Magesi le ha Ouaddou a sa thaba

Sehlopha sa Orlando Pirates se iphetheditse ka mora ho hlola Magesi FC ka ntlha tse pedi ho e le nngwe papading ya mohope wa Carling Knockout bosiu ba labobedi.

Pirates, e hlotse batshireletsi bana ba sekola ba bile ba iphethetsa ka mora hore Magesi e bahlole ha bohloko sehleng se fileng hona mohopeng ona.

Dintlha tsa Pirates, dikene karolong ya bobedi ya papadi ka Tshepang Moremi (51) le Evidence Makgopa (87).

‘The Buccaneers’ ba sale bohloko ka mora ho ntshwa dipapading tsa CAF Champions League ke sehlopha sa St Eloi Lupopo ya DRC.

Le ha Pirates e hlotse papadi, mokwetlisi Abdeslam Ouaddou, ha a kgotsofalla ka moo sehlopha se bapetseng ka teng.

“E bile papadi eo re kabe e re eteletse pele ka ntlha tse tharo kapa tse nne pele ho kgefutso,” ho realo Ouaddou.

“Ke lokela ho dumela, ke ne kesa thaba metsotso e 15 ya ho qetela. Hona le ho leba pele ka bolo, re bapetse bolo tse kgutshwane.

“Ke ya tseba batshehetsi ba rata seo le dibapadi empa nna ke batla dintlha.”

Ouaddou o utlwahetse a sa kgotsofalla ho bapala ka bolo ha dibapadi hona le ho leba pele balo hlaba dintlha mme o hlalositse ha a tla sheba le taba eo.

Pirates ke sona fela sehlopha se seholo se setseng mohopeng ona le ha ba hlokile lehlohonolo la ho o hapa nakong e fitileng.

BALA HAPE: Orlando Pirates e tswile ho CAF Champions League