
Jali o ntsha lekunutu le moqabantseng le Mokwena
Sebapadi sa mehleng sa Orlando Pirates le Mamelodi Sundowns Andile Jali, o buile ka se bakileng kgahlano dibakeng tsa hae le mokwetlisi wa hae wa mehleng Rulani Mokwena.
Bobedi bona bo sebeditse kaofela sehlopha sa Sundowns moo bo qadileng bo utlwana le ho sebetsa hantle, empa ka morao hwa bonahala kgohlang dipakeng tsa bona.
Ha a bua ho Arena Sport Show, Jali o hlalositse ha bothata e bile ha Mokwena a batla ho iketsa ntate ho yena.
“Ho bile monate empa qetellong ha hwaba monate,” ho realo Jali.
“O ne a batla ho iketsa ntataka ka nako eo le nna ke moholo kena le bana le lelapa, ho Sundowns ke ile ka mosebetsi.”
Jali o hlalositse ha Mokwena a ne a batla ho dula a mojwetsa seo a lokelang ho se etsa le tseo a sa lokeng mme ho yena seo e bile bothata.
“O ne a batla ho dula a njwetsa hore ke etseng ke ska etsang mme seo e bile bothata hobane ke moholo ke tseba tseo ke lokelang ho dietsa le tseo kesa lokelang ho dietsa.”
Sebapadi sena sa bohareng ba lebala, se ile sa arohana le Sundowns le ho leba ho Chippa United moo le teng a sa bapallang nako e lelele.
Ha jwale Jali hana sehlopha mme ho latela ka moo a bua ka teng, ke motho ya beileng meja fatshe le ha a sa etsa phatlalatsa ya semmuso.
BALA HAPE: Gallants e kgutlela Bloemfontein ka mora ditukiso tsa lebala
