Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Gallants e kgutlela Bloemfontein ka mora ditukiso tsa lebala

Sehlopha sa Marumo Gallants se tsibisitse ha setla kgutlela lebaleng la bona la selehae la Dr Ratlai Molemela, Bloemfontein.

Sena ma mora hore sehlopha se lebise dipapadi tsa bona lebalang la Loftus Versfeld ka lebaka la ditukiso.

Phatlalatso ena, e tswile ka labone thapama e le ha sehlopha se tsibisa batshehetsi hore dipapadi tsa bona tse setseng ditla bapalla Bloemfontein jwalo ka tlwaelo.

Lebala lena le sebediswa ke Gallants le sehlopha sa Siwelele le ha dipapadi tse ding tsa Siwelele dibapadi Gauteng.

Papadi e lateng ya Gallants, e tlaba kgahlano le Magesi FC mme e tla bapalla lebalang la Old Peter Mokaba.

Papading ya bobedi ke moo sehlopha setla amohela Orbit College lebalang le ntlafetseng la Dr Ratlai Molemela, Rockland.

Gallants e satswa tsibisa mokwetlisi, e dutse bobeng ho Betway Premiership mme e tla batla ho sebedisa dipapadi tse setseng ho nyolohela hodimo.

BALA HAPE: Lebitso la Mosimane le tlola hara bakwetlisi ho nka marapo Ghana