
Dibapadi tsa Afrika Boroa di e hlanaka senna Tanzania
Dibapadi tse pedi tsa Afrika Boroa tse naheng ya Tanzania, di jara Simba SC ka mahetla ho e beha boemong ba bobedi.
Sena ka mora hore Neo Maema a thuse sehlopha ho hapa papadi ka 2 – 0 kgahlano le Coastal Union bosiu ba labone.
Maema, o thuseditse ntlheng ya bobedi ya sehlopha le ho sebetsa ka thata papadi mme a ikgapela kgau ya sebapadi sa letsatsi.
Letswallwa lena la Bloemfontein, le matha mehlaleng ya Rushine De Reuck eo le yena a sebetsang ka bokgabane ho thusa sehlopha.
Bobedi bona ke dibapadi tsa mehleng tsa Mamelodi Sundowns mme de Reuck ke mmapala morao ya hlabelang sehlopha dintlha tsa bohlokwa ho hapa dipapadi.
Ha jwale Simba e kwetliswang ke letswallwa le leng la Afrika Boroa Steve Barker, e dutse boemong ba bobedi ka dintlha tse 34 ka mora dipapadi tse 15.
Boemong ba pele ke Young Africans e dutseng dintlheng tse 38 mme e pele ka papadi papisong le Simba.
