Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Phala o babatsa Mbule le ho hlalosa a ne a batla a ye Naturena

Sebapadi sa mehleng sa Kaizer Chiefs le SuperSport United Thuso phala, o hlalotse lebaka la hae hobaneng a ne a batla Sipho Mbule a lebe ho Chiefs.

Mbule, ke sebapadi sa mehleng sa Supersport, Mamelodi Sundowns mme o le a adingwa Sekhukhune ke Sundowns pele a tlaleba ho Orlando Pirates, moo a bonahang a thabile le ho bapala ka bokgabane.

Phala o hlalositse ha a dumela Chiefs e ne e hloka sebapadi sa sebopeho sa Mbule ho feta Pirates ka ha Pirates e batla e na le dibapadi tse ngata tse hlwahlwa karolong eo.

Maikutlo ana a Phala, a tla le ha e le hore Chiefs e bile le monyetla wa tekena Mbule ka mora ho arohana le Sundowns empa sehlopha sa sheba hole ka mora menyenyetsi ya hore Mbule o na le mathata a boitshwaro ka ntle ho lebala.

Puisanong le Omni Sports, Phala o babaditse makgabane a Mbule le ho mohlalosa jwalo ka sebapadi se ikgethileng.

“Seabo sa hae ka hara lebala, wa kgona ho bona le ho utlwa hore ‘MasterChef’ o teng. O na le ntho eo (Aura) e ikgethang ka yena,” ho realo Phala.

Phala o hlalositse Mbule jwalo ka sebapadi se kgonang ho fetola papadi le ha dibapadi tse ding dise moyeng wa papadi.

“O dula a na a tla ka maqeka hobane o na le boitshepo le moya wa ho lwanela ho hapa bolo (arrogance). O na le bokgoni ba ho etsa hore dintho diphethahale.”

Mohlabadintlha enwa wa mehleng o hlalositse ha Mbule a ne a tla tlisa boleng le botsitso bo boholo ka hara sehlopha sa Chiefs ka boiphihlelo ba hae.

Mbule ke se seng sa dibapadi tsa mantlha ho Pirates le ho Bafana Bafana ka mora hore mokwetlisi Hugo Broos a mobitsetse sehlopheng sa naha hape.

BALA HAPE: Bafana Bafana ba leba mohopeng wa lefatshe