
Marumo Gallants e behella mokwetlisi ka thoko tshebetsong
Sehlopha se hulang ka tlhako tsa morao sa Marumo Gallants, se phatlaladitse ha se behelletse mokwetlisi wa bona Alexandre Lafitte ka thoko nakwana mosebetsing.
Gallants, e hlalositse ha qeto ena e itshetlehile diphuputsong tse amanang le boitshwaro tsa ka hara kgahlano le Lafitte.
“Qeto ya ho behella mokwetlisi ka thoko mosebetsing ke ka mabaka a ho hlolwa ke ho fihlela tse ding tsa dipehelo tsa tshebetso,” ho realo sehlopha.
Gallants, haeso latswe tlholo selemong sa 2026 mme dipapading tse 9 tseo ba seng ba dibapatse, ba lahlehetswe ke dipapadi tse 7 ka tatellano.
Qeto ya Gallants, e tla ka nako eo sehlopha seleng ditabeng ka nyewe e amanang le thekiso ya boemo le sehlopha sa Moroka Swallows.
Papading ya bona ya ho qetela, Gallants e hlotswe ke Durban City e leng se ba behang boemong ba 14 ka dintlha tse 15 ka mora dipapadi tse 19.
Sehlopha se hapile dipapadi tse 3, sa bapala maleka dipapading tse 6 le ho lahlehelwa dipapading tse 10.
Gallants e hlalositse ha etla tsibisa motho ya tla tswa a tshwere marapo nakwana sehlopheng.
BALA HAPE: Lorch le Lakay ba thusa dihlopha ha Davids a fokotsa kgatello ka tlholo
