
José Riveiro o hana mosebetsi wa tjhelete e ngata
Mokwetlisi wa mehleng wa Orlando Pirates Jose Riveiro o hana ho nka mosebetsi wa go kwetlisa se seng sa dihlopha tse neng ditshepisa moputsohadi wa tjhelete.
Ho ya ka ditlaleho tseo re diamohetseng, sehlopha sa Algeria sa ES Sétif, se bontshitse kgahleho ho Riveiro le ha yena a na le merero e meng.
Botsamaisi ba Sétif bo bile le puisano le Riveiro ka kgahleho ya ho mofa mosebetsi wa bokwetlisi empa Riveiro a hlalosa ha a se maikemisetsong a ho kwetlisa ha jwale.
Riveiro o nkile nako e kalo ka kgwedi tse tharo jwalo ka mokwetlisi wa Al Ahly pele a ka nyaolwa mme mohlodi o haufi le letswallwa lena la Spain, o hlalositse ha Riveiro a batla ho nka nako ho pele a ka kwetlisa hape.
Sétif hase sehlopha sa pele ho bontsha kgahleho ho ditshebeletsong tsa Riveiro ka mora hore a arohane le Al Ahly ka nako e kgutshwane.
E bang a ne a nkile mosebetsi ona, Riveiro e ne e tlaba mokwetlisi ya kgolang ka ho fitisisa Algeria mme o ne a tlaba le taolo ya tekeno ya dibapadi sehlopheng.
Sétif e ikemiseditse ho kgutlela ho Riveiro ka kopo e ntlafetseng jwalo ka ha ba dumela e le mokwetlisi ya nepahetseng bakeng sa sehlopha sa bona.
BALA HAPE: Al Ahly e leleka mokwetlisi Jose Riveiro
