
Mokwetlisi wa Raja o batla ditshebeletso tsa Neo Maema
Mokwetlisi wa mehleng wa Simba SC ya Tanzania Fadlu Davids, o bontshitse thahasello ya hae ya ho tekena sebapadi sa Mamelodi Sundowns sa mehleng.
Davids, o na le kgahleho ho Neo ‘Billy’ Maema eo a motekenne ha sehla se qala ka nako eo a ntse a kwetlisa Simba, pele a ka leba naheng ya Morocco ho Raja Club Athletic.
Mokwetlisi enwe wa mehleng wa Maritzburg United, o tekenne dibapadi tse pedi ho tswa ho Sundowns (Maema le Rushine De Reuck) pele ka leba Morroco.
Ho ya ka ditlaleho tseo ntse re diamohela, modulasetulo wa sehlopha sa Raja Jawad Ziyat, o netefaditse ha Fadlu a entse kopo ya ho tekena Maema sehlopha.
Davids, o se a bapetse dipapadi tse hlano jwalo ka mokwetlisi wa Raja mme o hapile tse tharo le ho bapala maleka dipapading tse pedi.
Ha jwale ha hoso hlake e bang Davids o tla fumana tetla kopong ya hae, le hore Simba e tla dumela ka sebapadi sa bona se fihlang.
E bang Maema a ka leba ho Raja, e tlaba sebapadi sa bobedi sa Afrika Boroa setla bapala naheng ya Morocco le Thembinkosi Lorch ya bapalla Wydad Casablanca.
