Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Broos o laretse ho kgutla ha Zwane le ha a thabetse Mbule

Mokwetlisi wa sehlopha sa naha sa Bafana Bafana Hugo Broos, o kgotsofaditswe ke ka moo sebapadi se hlaselang sa naha le Orlando Pirates Sipho Mbule se sebetsang ka teng.

Broos o bitseditse Mbule sehlopheng sa naha ka mora ho lemala ha Themba Zwane eo Broos a tshepang a tla kgutla bakeng sa dipapadi tsa AFCON.

Mbule, o thusitse dintlheng tse pedi tse hlajoweng mafelong a beke papading ya setswalle kgahlano le Zambia moo Afrika Boroa e hlotseng papadi ka 3 – 1.

“O [Sipho Mbule] fetohile karolo ya bohlokwa ya sehlopha jwalo ka ha a fumane monyetla wa bobedi. Hona le AFCON le mohope wa lefatshe mme ho ho yena hore o tla le rona,” ho realo Broos.

Zwane o ntse a sa bapale sehlopheng sa hae sa Sundowns empa o qadile ho ikwetlisa ka mora ho dula kantle dikgwedi ka lebaka la kotsi.

Broos, o hlalositse ha a thabetse tsela eo Mbule a bapalang ka yona mme a ka thabela ho ba le Mbule le Zwane sehlopheng ka nako e le nngwe.

“Sipho ke karolo ya bohlokwa ya sehlopha sa naha. Ntho e nngwe ke ha a ka hlahelwa ke ho hong jwalo ka Themba selemo se fitileng.”

“Kena le tshepo ya hore Themba o tla fumana monyetla wa ho bapala le ho kgutlela moo re motsebang, ke nahana re kaba matla haholo ka bona bale babedi.”

Le ha hosa hlaka ebang Zwane o tla kgona ho leba le sehlopha Morroco kgwedi e tlang, tebello ke ho bona e bang o tla bapala ha Sundowns e qala ka dipapadi tsa CAF Champions mafelo a beke.

BALA HAPE: Bafana Bafana ba feta mohwalotso papading ya setswalle