
Mosimane o kgakola buka ya tataiso ya bakwetlisi
Mokwetlisi wa mehleng wa Mamelodi Sundowns le Al Ahly Pitso Mosimane, o kgakotse buka ya tataiso ya bakwetlisi ba ntshetso pele [Youth coaching Manual].
Hoya ka Mosimane, buka ena e reretswe ho tataisa le ho thusa bakwetlisi ba ntshetso pele ho sebetsa le dibapadi tse tlase dilemong le ho bathusa ho fihlela boemo bo hodimo ba papadi.
Puong ya hae, Mosimane o bontshitse ha Afrika Boroa e sena bothata ba dibapadi tse hlwahlwa.
BALA: Siwelele se lebisa papadi ya pele lebaleng la Toyota
“Afrika Boroa haena bothata ba dibapadi tse hlwahlwa, bothata bo teng ke ba ntshetso pele. Rena le dibapadi tse tsebang bolo hohle ka hara naha,” ho realo Mosimane.
“Potso e teng ke hore dibapadi tseo difumana tshehetso le bokwetlisi ho fihlela bokgoni ba bona.”
BALA: Kaizer Chiefs e tekena Mayo semmuso ho tswa ho CR Belouizdad
