
Kaizer Chiefs e tswelapele ho hapa dipapadi
Sehlopha sa Kaizer Chiefs, se hlotse sa Golden Arrows ka ntlha e lengwe ho noto (1 – 0) papading e bapalletseng lebaleng la Moses Mabhida, Durban.
Chiefs e hlotse papadi ya bona ya bone dipapading tse hlano tseo ba seng ba dibapetse sehleng sena.
Ntlha ya Chiefs e kene karolong ya bobedi ya papadi e hlajwa ke sebapadi seneng se hlaha bankeng Flavio Silva. Silva, o ne a qala ho fumana monyetla mme e bile yena a hlolelang sehlopha sa hae papadi.
Tlholo ena, ke ya pele mokwetlisi Nasreddine Nabi a kgutlile Tunisia ka mora hofetwa ke dipapadi tse tharo le ho bapala maleka kgahlano le Mamelodi Sundowns papading e fitileng.
Chiefs e tswelapele ka rekoto ya bona ya ho hapa dipapadi baso hlajwe ntlha mme ke sona fela sehlopha se so hlajwe ntlha sehleng sena.
Amakhosi, e dutse boemong ba bobedi ka mora dipapadi tse hlano ka dintlha tse 13 ka mora sehlopha sa Sekhukhune.
Sebapadi sa Chiefs Paseka Mako, e bile yena sebapadi se bapetseng ka bokgabane le ho hapa kgau ya sebapadi sa letsatsi.
Dipapading tse hlano tseo Chiefs e seng e dibapetse, e hapile dikgau tsa sebapadi sa letsatsi moo re boneng sebapadi se jwalo ka Aden McCarthy a e hapa makgetlo a mabedi.
Chiefs e tla kgufutsa jwalo ka ha ho kenwa bekeng ya FIFA mme ha e kgutla, e tla etelwa ke sehlopha sa Sekhukhune seo le sena se so lahlehelwe.
Papadi ena, e tla bapala ka la 16 Lwetse lebaleng la FNB ka 19:30 bosiu.
BALA HAPE: nasreddine-nabi-o-babatsa-dibapadi-tsa-hae
