Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Broos o bua ka seabo sa dibapadi tsa Sundowns sehlopheng

Mokwetlisi wa Bafana Bafana Hugo Broos, o buile ka seabo sa dibapadi tsa Mamelodi Sundowns sehlopheng sa hae.

Broos o hlalositse ha ana le tshepo e tletseng hore dibapadi tsa Sundowns ditla bapala karolo e kgolo sehlopheng ho latela mefuta e fapaneng ya dipapadi tseo ba dibapalang.

“Ho bohlokwa hoba le dibapadi tse bapalang dipapadi tse kgolo, African Champions League le ka pela letswele le lengata hobane seo se thusa sehlopha,” ho realo Broos.

Broos o buile sena jwalo ka sehlopha sa hae setla bapala papadi ya pele kgahlano le Mexico lebaleng le tlabeng le tletse balatedi e bile e le papadi ya pele.

BALA: John Terry ka Mbokazi: Ke sebapadi se hlwahlwa

Sundowns e hapile mohope wa Champions League e leng seo Broos a dumelang e le setla thusa dibapadi mehopolong ka nako eo ba lwana kgakgaulane kgahlano le Mexico.

Le ha sehlohla se hlotswe ke ho hlola dipapadi tsa boitukisetso, Broos o hlalositse ha boitukisetso ba bona e bile bo atlehileng kgahlano le dihlopha tse tharo tsa South America.

“Boitukisetso ba rona bo bile botle kgahlano le Panama le Nicaragua e leng dihlopha tse tswang Central America jwalo ka Mexico.”

“Ho bile bohlokwa ho bapala dipapadi tseo papisong le dilemong tse fitileng moo re bapetseng le dinaha tsa Afrika tse bapalang ka tsela e fapaneng.”

BALA: Artan o fumana monyetla wa ho tsamaisa papadi e kgolo lefatsheng