Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Kaze o hlalosa ntlha ya Ntwari pele ho mekoko

Motlatsa mokwetlisi wa Kaizer Chiefs Cedric Kaze, o hlalositse ha taba ya sethibathibane sa bona Fiacre Ntwari e tla tshohlwa ka hara.

Ntwari o ile a hana hotswa le hore ho kene Bruce Bvuma metsotso pele ho thaho ya mekoko moo Chiefs e lahlehetsweng ka ntlha tse hlano ho tse nne (5 – 4) kgahlano le Stellenbosch.

Kaze o hlalositse ha Ntwari a ne a itshepa le ho dumela a tla thusa sehlopha ho fetela pele jwalo ka ha e le yena a qadileng papadi le sehlopha.

“Ke dumela e le boemo boo retla buisana ka bona ka hara sehlopha.”

“Yena [Ntwari] o hlalositse ha a itshepa ho ks tswelapele. O ne a kgotsofaletse ho tswelapele le ho thusa sehlopha,” ho realo Kaze.

Ntwari o thibile bolo ya pele ya Andre De Jong le ha tse ding dimopotile ka morao, mme dibapadi tsa Chiefs Tashreeq Morris le Dillon Solomons, ba fosa mekoko ya bona le hoja Chiefs e ne e le botleng.

Kaze o hlalosa qeto ya sethibathibane sa hae e ne e le ka maikemisetso a matle a ho thusa sehlopha jwalo ka ha a thibile e le nngwe ya mekoko e rshilweng.

“O e entse ka maikemisetso a ho thusa sehlopha empa ke taba eo re tla e seka seka ka hare. Ha jwale re fetola menaho le ho tsepamisa maikutlo papading e lateng.”

Chiefs, e kene lenaneng la dihlopha tse jwalo ka Mamelodi Sundowns, Sekhukhune United ho tswa mokgahlelong wa pele wa Carling Knockout sehleng sena.

BALA HAPE: Stellenbosch se ntsha Kaizer Chiefs mohopeng