
Keshav Maharaj o kgutlela sehlopheng sa T20
Sebapadi se akgelang sa Afrika Boroa Keshav Maharaj, o kgutlela sehlopheng sa mofuta o mokgutshwane wa papadi (T20) ka mora ho nka nako e se karolo ya sehlopha.
Maharaj ya akgelang ka letsoho la leqele, ke sebapadi sa Afrika Boroa se hlwahlwa se bidikisang bolo (left-arm orthodox spinner) se bapalang mefuta e meraro ya papadi.
Mokaubere o na o dilemo di 35, o sa tswa etsa nalane ka ho ketola dibapadi tse hlano (fifer) lekgetlo la hae la pele papading ya (ODI) moo ba hapileng letoto kgahlano le Australia (2 – 0) le ha ho setse papadi e lengwe.
Dibapadi tse ding tse kgutlelang sehlopheng ke Lizaad Williams le Marco Jansen ba neng ba oka dikotsi. David Miller le Donavan Ferreira le bona ba kgutlela sehlopheng ka mora ho sebe karolo ka ditumelano le botsamaisi ba sehlopheng.
Afrika Boroa, e tla etela England ho lo bapala dibapadi tse tharo tsa ODI le tse tharo tsa T20 e le boitukisetso ba tsa mohope wa lefatshe selemo se tlang.
Lekejakejane Kwena Maphaka, o tla kena dieteng tse kgolo tsa Kagiso Rabada mofuteng wa ODI. Rabada a ke keng a bapala ka mora ho lemala leqaqailaneng letotong la dipapadi kgahlano le Australia.
Afrika Boroa e tla kena leetong ho leba England ka la 25 Phato ha papadi ya pele ya ODI e tla bapala ka la pedi Lwetse toropong ya Leeds.
BALA HAPE: afrika-boroa-e-hapa-letoto-australia
