
Kgalala ya Argentina e beya meja fatshe sehlopheng sa naha
Sebapadi sa Argentina Lionel Messi, o tsibisitse ha a tla beya meja fatshe sehlopheng sa naha ka mora dilemo tse 21.
Messi, o qadile ho bapalla sehlopha sa naha ka 2005 mme o se a bapetse dipapadi tse 207 moo a hlabileng dintlha tse 125.
Appearances (Caps): 207
Goals: 125 ⚽
Sebapadi sena ke sona mohlabadintlha wa mantlha naheng ya Argentina mme ke yena ya bapetseng dipapadi tse ngata ka ho fitisisa mebaleng ya Argentina.
Phatlatso ena e tla dikgwedi tse pedi ka mora hore Argentina e hlolwe papading ya makgaolakgang a mohope wa lefatshe ao ba fihlileng ho ona ka tatellano.
Ka 2022, Argentina e bile bona bahlodi ba mohope wa lefatshe e bile e le lekgetlo la pele Messi a hapa mohope ona.
Mehope e meng eo Messi a e hapileng le sehlopha sa naha e kenyeletsa Copa América, Finalissima le metale wa gauta wa Olympic.
Major international trophies 🏆
🏆 FIFA World Cup: 2022
🏆 Copa América: 2021, 2024
🏆 Finalissima: 2022
🥇 Olympic Gold Medal: 2008
BALA: Sibiya o leba Belgium ho bontsha tshehetso ho Mofokeng
