Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Broos: Ke kampo e kgolo ho feta dipapadi tse pedi tsa boitukiso

Mokwetlisi wa sehlopha sa naha Hugo Broos, o hlalositse ha kampo eo sehlopha seleng ho yona ha jwale, hase kampo fela ya dipapadi tse pedi tseo batla dibapala.

Bafana Bafana batla nkana le naha ya Panama dipapading tse pedi ho itukisetsa mohope wa lefatshe mme Broos o hlalosa ha etla senola tse ngata ka dibapadi.

“Ke kampo e bohlokwa haholo. Hase kampo ya dipapadi tse pedi fela empa ke e kgolo ho feta moo,” ho realo Broos.

“Ke dipapadi tse re lokisetsang papadi ya rona ya pele ya mohope wa lefatshe, ka hoo re lokela hoba malala-a-laotswe. Ke boitukisetso bo fapaneng bakeng sa rona.”

Broos o hlalositse ha dipapadi tse fetileng e bile tse kgahlano le dinaha tsa Afrika mme seo se etsa hore boitukiso ba ha jwale e be bo fapaneng ka ho fitisisa.

“Dilemo tse tharo tse nne tse fitileng, re bapetse le dihlopha tsa Afrika le France fela mme e bile mathata empa hare nahane ka seo.”

“Ho bohlokwa ho dibapadi ho utlwisisa hore kampo ena hase eo batla roba monakedi ho yona.”

Broos ya sa kgotsofatswang ke maitshwaro a tse ding tsa dibapadi ka nako ya AFCON, o hlalositse haa atla lekola ntho e nngwe le nngwe eo dibapadi di e etsang le tsela eo ba itshwarang ka yona hobane seo se bohlokwa hoya pele.

Ketlo sheba motsotso o mong le mong le hore ba itshwara jwang boikwetlisong le hohle. E tlaba dikgwedi tse pedi tse bohlokwa pele ke etsa kgetho ya ka.”

Afrika Boroa etla nkana le Panama ka labohlano [27 Hlakubele] mme papadi e tla bapalla lebaleng la Moses Mabhida ka 19:00 thapama.

BALA HAPE: Mofokeng le Cardoso ba bontsha maikemisetso a dihlopha ka ho hapa dikgau