Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Hunt o re o hloka dibapadi ho matlafatsa sehlopha

Mokwetlisi ya motjha wa Stellenbosch FC Gavin Hunt, o hlalositse ha a hloka dibapadi tse ding ho matlafatsa sehlopha.

Hunt, o hapile papadi ya hae ya pele ha a ne a hlola Sekhukhune United ka ntlha ho noto (1 – 0) lebaleng la Peter Mokaba bosiu ba labobedi.

Stellenbosch, se tekenne dibapadi tse tharo hotswa ho Orlando Pirates le Mamelodi Sundowns (Tshogofatso Mabasa, Mosa Lebusa le Kobamelo Kodisang) le ha tse pedi tsa tsona e le ka kadimo.

“Re ya haelwa, ke dumela ha le wena o bona,”

Ha o ka sheba, ke bapetse ka Devin Titus ka pele mme o bapetse hantle. Rena le bahlabadintlha ba babedi mme re hloka ba bane kapa hlano.

Hunt o hlalositse ha thekiso ya dibapadi ya Pherekgong e le e nngwe ya tse thata ka ho fitisisa ya ho fumana dibapadi tseo o dibatlang jwalo ka mokwetlisi.

“Thekiso ya Pherekgong e thata ho fumana dibapadi tseo o dihlokang hobane dihlopha ha dilokolle dibapadi. Tshepo ke hore retla dula re ntse re tsoma le ho matlafatsa sehlopha ka seo renang le sona.”

Stellenbosch setla bapala papadi e matla ka moqebelo kgahlano le CR Belouizdad ya Algeria e kwetliswang ke Sead Ramovic.

Papadi ena etla bapala ka sontaha sala 25 Pherekgong lebaleng la DHL ka hora ya 21:00 ka nako ya Afrika Boroa.

BALA HAPE: Cedric Kaze le Manqoba Mngqithi haba kgotsofala