Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Sethibathibane sa Chiefs se tlodiswa mahlo sehlopheng sa naha

Sethibathibane se sebeditseng ka thata sa Kaizer Chiefs Brandon Petersen, o tlodisitswe mahlo lenaneng la dibapadi tse lebang mohopeng wa lefatshe tse tla emela Afrika Boroa.

Petersen eo e leng mokaptene wa Chiefs, o ne a bitseditswe sehlopheng sa sethathong [Preliminary squad] empa mokwetlisi wa naha Hugo Broos, a bitsa dithibathibane tseo a tlwaetseng ho dibitsa le ho siya Petersen.

Dithibathibane tsa naha:
Ronwen Williams
Sipho Chaine
Ricardo Goss

Le ha a tlodisitswe mahlo, sethibathibane sena ke se seng sa dithibathibane tse sebeditseng ka thata le ho bapala dipapadi tse ngata ka ho fitisisa ntle le ho hlajwa dintlha.

24 Matches played
15 cleansheets
0.5 goal Conceded per game
2.0 (78%) saves per game

Dipalopalo tsa Petersen [percentage] ke tsona tse hodimo ka ho fitisisa dithibathibane tsa Afrika Boroa ka ho thiba boholo ba dibolo tseo a tobaneng le tsona.

BALA: Broos o bitsa difahleho tse ntjha ho leba mohopeng wa lefatshe