Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Khalil Ben Youssef o re kgatello e matla ho Chiefs

Motlatsa mokwetlisi e bile e le mokwetlisi wa nakwana wa Kaizer Chiefs Khalil Ben Youssef, o re kgatello e matla haholo sehlopheng sa Chiefs ho tswa batshehetseng.

Ben Youssef o hlalositse ha batshehetse ba lebala ka potlako le ho potlakela ho seholla dibapadi.

“Ho tlisa dibapadi tse matla monahanong le ho kgona ho emela kgatello ya batshehetse ke ntho e ngwe. E re ke re, kgatello e matla hohle empa e matla haholo kwano,” ho realo Ben Youssef.

Ben Youssef o hlalositse ha bothata bo bong e le dibapadi tse sa kgoneng ho mamella le ho sheba fela kgatello ya batshehetseng le ho marangrang.

“Sa bobedi, re hloka dibapadi tse kgonang ho mamella ditshehollo tsa marangrang hobane kwano o hlaba ntlha, o Messi, hosane o fose thaho ya mokoko, wa seholwa ebile hao tsebe letho.”

Mokwetlisi enwa o hlalositse ha kgatello e le matla mme ho se bobe sehlopheng sa Chiefs ke ka hoo ba hlokang dibapadi tse matla tse kgonang ho mamella ditshehollo.

Chiefs e tla kena papading kgahlano le Amazulu kajeno bosiu e le papadi ya Betway Premiership. Papadi e tla bapalla lebaleng la FNB ka 19:30 bosiu.

BALA HAPE: Kaizer Chiefs e phonyoha ka thaho ya mekoko