Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Ouaddou o re Nemtajela ke kgalala ya sebapadi

Ka mora tlholo ya bona kgahlano le TS Galaxy, mokwetlisi wa Orlando Pirates Abdeslam Ouaddou, o hlalositse Masindi Nemtajela eo e bileng sebapadi sa letsatsi jwalo ka pabala ya sebapadi.

Ouaddou o hlalositse ha nako ya Nemtajela e fihlile mme a iponahaditse hore ke sebapadi se hlwahlwa. Nemtajela le Ouaddou ba sebditse mmoho sehlopheng sa Marumo Gallants pele baka lebale ho Pirates ha sehla se hodimo se qala.

“Ke motsibile ho tloha sehlopheng seo ke tswang ho sona [Marumo Gallants] hore ke sebapadi se hlwahlwa mme re mofile monyetla le ho mojwetsa hore a behe pelo sekotlolong nako ya hae yatla,” ho realo Ouaddou.

“Nako ya hae e fihlile mme a iponahatse hore o hlwahlwa. Ke thabetse tsela eo bahlankana ba bapetseng ka yona. E bile motsotso o motle ho tloha qalong.”

“Ouaddou o hlalositse ha a thabetse tlholo ya bona kgahlano le sehlopha se matla sa TS Galaxy mme a thabile haholo hore ha ba hlajwa ntlha.

“Ha ra hlajwa ntlha ke sehlopha se matla sa TS Galaxy le ha hole jwalo, mosebetsi o motle ho mokwetlisi wa Galaxy [Beganovic Adnan] le sehlopha, ba etsa mosebetsi o motle.”

Pirates, e se e bapetse dipapadi tse leshome ka tatellano ntlhe le ho hlolwa, ba hapa tse robong ka tatellano mme ba hapa tse robedi ba sa hlajwa ntlha.

Papadi e latelang ya Pirates e ka moqebelo kgahlano le Siwelele FC lebaleng la Orlando. Papading ena ke ya mohope wa Carling Knockout mme e tla thakgoha ka hora ya boraro (15:00).

BALA HAPE: Pirates e hapa dipapadi tse hlano ka tatellano