Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Sebapadi sa Chiefs setla feta dithipeng le ho fetwa ke dipapadi

Sehlopha sa Kaizer Chiefs se netefaditse ha sebapadi sa bona Mduduzi Shabalala a tla feta ditipeng le ho fetwa ke dipapadi tse setseng tsa sehlopha.

Shabalala e bile lehlatsipa la papadi e bohlaswa e bapetsweng ke sehlopha sa hae le Mamelodi Sunsowns moo a ileng a lokela ho tswa ka lebaleng le ho leba bookelong ka mora ho bapalwa hampe ke Jayden Adams.

Chiefs le Sundowns dibapetse maleka a 1 – 1 mme Keanu Cupido le Shabalala, e bile dibapadi tse pedi tse tswileng ka lebale ka temalo. Cupido, o robehile lesapo le pela lehetsa [fractured collarbone] ha Shabalala a tjhomohile lehetle [dislocated shoulder].

Sebapadi sena se hlaselang, ke sona sebapadi sa ho qetela sa Chiefs ho bitsetswa sehlopheng sa naha mme ka lebaka la kotsi ya hae, tshepo e batla e fokola hore Broos o tla mokenya lenaneng la dibapadi.

BALA HAPE: Ben Youssef o lomahantse meno hore dibapadi tsa hae dilokela ho bitswa sehlopheng sa naha

Chiefs e tsibisitse ha Shabalala a tla fetwa ke dipapadi tse setseng tsa sehlopha le ho nka ntho e ka etsang dibeke tse 6 a ntse a hlaphohelwa.

Ka lehlakoreng le leng Sundowns ha e so netefatse botebo ba kotsi ya Cupido le bolele boo a tla bodula empa tebello ke hore o tla fetwa ke dipapadi tse setseng ka sehlopha ho kenyeletsa ke makgaolakgang a CAF Champions League.

BALA HAPE: Chippa e nyaola mokwetlisi ho setse dipapadi tse tharo