Uncategorised

Khune o tshwaela taba ya mokwetlisi wa lapeng monwana

Sebapadi sa mehleng sa Kaizer Chiefs le Bafana Bafana Itumeleng Khune, o lahletse la hae tabeng ya mokwetlisi ya tla hlahlama Hugo Broos.

Mantswe a Khune a tla ka nako eo sehlopha se qetang ho tswa mohopeng wa lefatshe le taba ya mokwetlisi a motjha e qhaphakang.

Nako ya mokwetlisi wa jwale wa Bafana Bafana, e fihla pheletsong mme mokgatlo o lokela ho hlwaya mokwetlisi bakeng sa mosebetsi.

Ha a bua ho SABC Sport’s Soccer Zone, Khune o akgotse Broos le ho hlalosa ha a lokela ho hlahlangwa ke mo’Afrika Boroa.

“Ke nahana Hugo Broos o re sebeleditse ka bokgabane,” ho realo Khune.

“Ke boetse ke nahana hore ke nako ya hore SAFA e hlwaye mokwetlisi wa lapeng ya tsebang mokgwa wa rona wa ho bapala.”

Khune o qotsitse bakwetlisi bao a dumelang baka etsa mosebetsi o kgabane sehlopheng sa naha ka tsebo ya bona.

“Hao tlisa mokwetlisi ya hlahang kantle, o tlo nka nako ho tlwaela empa bakwetlisi ba jwalo ka Manqoba Mngqithi, Pitso Mosimane le Rulani Mokwena ba le teng ba tseba papadi ya rona.”

Hoya ka nna nka thabela ha mokwetlisi wa lapeng e kaba yena a tshwarang marapo.

BALA: Lenane la bakwetlisi ho hlahlama Broos le qala ho nyoloha