
Kopano ya SAFA e fetoha lebala la ditebele
Kopano ya ditho tse phahameng tsa SAFA ya NEC, e fetohile lebala la makotofa ka mora hose utlwane ka puo ke ditho tse e karotseng tsa tsamaiso.
Ho ya ka mehlodi e tshepahalang le dikgatiso tse bonahetseng ho marangrang, kopano eo ho neng ho lokela ho seka seka dintlha tsa bohlokwa, e fetohile lefela ka mora ho fofa sebaeng ha ditebele.
Ditho tse tshehetsang mopresidente wa ha jwale wa SAFA Danny Jordaan, ditlalehwa dingotse lengolo le batlang hore ditho tse ding dibehelwe ka thoko mosebetsing.
Hoya ka SABC Sport, lengolo lena le batla hore ditho tseo tse sa tshehetseng Jordaan, dibehellwe ka thoko ka tseko ya hore ba buile le boraditaba e leng seo lengolo le se hlalosang e le tlolo ya e meng ya melawana ya SAFA.
Ho qhoma ha merusu, ho tlalehwa ha ebile ka mora hore e nngwe ya dintho tseo honeng ho lokela ho qetelwa ka yona, e be e qalang kopano hore e tle e qhelele batho ba itseng ka thoko ka nako ya dikgetho.
Kopano ena, e ne e lokela ho bua ka ditjhelete tsa mokgatlo, boitukiso ba Bafana Bafana ba mohope wa lefatshe le dintho tse ding ho kenyeletsa Banyana Banyana.
Tlhalosong ya se etsahetseng, SAFA e hlalositse ha kopano e sa tswella ka lebaka la ditho tse nne tse bakileng morusu le ho sitisa kopano.
SAFA e ikwahlaela se entsweng ke ditho tse nne tsena tse sentseng kopano e hlophisitsweng ke batho ba bangata hore e atlehe,” ho realo SAFA.
Tlhakantsuku ena, e tla ka mora hore mokgatlo o fumane batshehetsi ba batjha ba ditjhelete le hore ho phatlalatswe seaparo se setjha sa dihlopha se tshehetswang ke Adidas.
SAFA, e lokela ho tshwara dikgetho tsa boetapele bo botjha ka kgwedi ya Lwetse mme seo le sona, se tlisa karohano jwalo ka ha hona le batho ba batlang Jordaan a dule ha ba bang ba batla a tlowe.
BALA HAPE: Dihlopha tsa Motsepe Foundation dimakatsa tsa Betway Premiership
