
Sundowns Chiefs le Stellenbosch ditlasa kgatello dipapading tsa kontinente
Mafelong a fitileng a beke ke moo re boneng dihlopha tse tharo tsa Afrika Boroa dile kgabong ntweng ya kontinente e le ho leka ho fumana dintlha tse tharo ho fetela pele.
Ka labohlano Mamelodi Sundowns ene etetse Al Hilal naheng ya Rwanda mme ke moo ba hlotsweng ka 2 – 1. Le ha hole jwalo, Sundowns e ntse e le monyetleng wa ho fetela pele jwalo ka ha ba bokeleditse dintlha tse 5 ka mora dipapadi tse 4.
Sundowns e tla lokela ho hapa dipapadi tse pedi tse setseng kgahlano le MC Algers ya Rulani Mokoena kwano Afrika Boroa le papadi kgahlano le St Eloi Lupopo papading e tla bapalla DR Congo.
Ka lehlakoreng le leng Kaizer Chiefs, e hlotse ZESCO ya Zambia ka 1 – 0. Le ha hole jwalo, Chiefs e ntse e le tlasa kgatello ya ho hapa bonyane papadi kgahlano le Al Masry ya Egypt le ho bapala maleka le Zamalek e hlotseng Al Masry ka 2 – 1 ho theolela Chiefs boemong ba boraro ka dintlha tse 7 ka mora dipapadi tse 4.
Sehlopha sa boraro sa Stellenbosch, le sona se tlasa kgatello ka mora ho hlolwa dipapading tse pedi ke CR Beuloizdad (5 – 0 aggregate score). Stellies, se theohetse boemong ba boraro ka ntlha tse 4 ka mora dipapadi tse 4.

Dihlopha ka boraro dibatla dile tlasa kgatello ya ho hapa bonyane papadi e le nngwe hore ba fetele mokgahlelong o lateng.
Papading e latelang Sundowns e tla etela Lupopo, Chiefs e tla etelwa ke Al Masry ha Stellies setla etela Otoho. Dipapadi tsena ka boraro ditla bapala ka la 08 Hlakola kaofela.
BALA HAPE: Ben Youssef o babatsa dibapadi le ho lla ka mokgathala
