Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Jordaan o netefatsa tumellano ya Ellis le SAFA

Mo’presidente wa SAFA Danny Jordaan o netefaditse ha mokwetlisi wa sehlopha sa naha Banyana Banyana Desiree Ellis, a tekenne tumellano e ntjha le SAFA.

Ho ya ka SABC Sport, Ellis le SAFA ba fihleletse tumellano ya dilemo tse nne kaofela tsa tshebetso ka mora hore Ellis a hane ho sebetsa ntle le tumellano.

“O tekenne tumellano mme o thabile, le nna ke thabile hore tsohle ditsamaya hantle,” ho realo Jordaan.

Banyana Banyana ba satswa ho phunyeletsa mohopeng wa WAFCON moo ba bapetseng dipapadi tse pedi ntle le mokwetlisi Ellis ka lebaka la ditumelano tse neng dikgitlile lejwe.

Ho kenyeletsa dilemo tse nne tsa tumellano e ntjha, Ellis o tla etsa dilemo tse 13 jwalo ka mokwetlisi wa Banyana Banyana ka mora ho kena tshebetsong ka selemo sa 2016.

Jordaan o hlalositse ha mosebetsi o le moholo o lokelwang ho etswa ho matlafatsa sehlopha pele ba leba Morroco.

“Ha jwale re lokela ho aha sehlopha ka mahlakore ohle, re shebile le dibapadi tse nyane tse tla re isa pele.

“Re shebile Morroco le Nigeria, le ha e se tsona fela dihlopha. Ghana, Senegal le Congo ditla ka matla mme re lokela ho itukisa.”

Banyana Banyana ba tswile dipapading tse tlang pele ho makgaolakgang le ho fella boemong ba bone mohopeng ona o bapetseng pejana selemong sena.

BALA HAPE: Banyana Banyana ba leba mohopeng wa WAFCON