Bolo ya maoto

Lebaka hobaneng Rowan Human a tsamaile kampong ya naha

Sebapadi sa mehleng sa Amazulu FC, Rowan Human o mehatong ya ho tekena le sehlopha sa Albanian, FK Partizani.

Sebapadi sena se dilemo di 24 e ne ele karolo ya sehlopha sa Bafana Bafana sa CHAN empa o tsamaile kampong ya sehlopha. Ho tsamaya ha hae ho latela kgonahalo ya ho tekena le Partizani.

Human ha a na sehlopha ka mora ho arohana le Usuthu ha sehla se fela le ho hlolwa ke ho fihlella tumellano.

Le ha ditlabotjha Durban City di batla sehlopha sena, FARPost e fumana ha Partizani e tlola matjato ho fumana sebapadi sena.

Sehlopha sena sa Tirana sa Red Bulls, ke sa dihlopha tsa Albanian tse matla ka dikgau tse 17 tsa leki le ho hlahella kgafetsa ho UEFA.

Sehlopha sena ha se so hape letho ho tloha sehleng sa 2022/23 ka ha bantse ba aha tlasa mokwetlisi ya motjha wa Serbia, Mladen Milinkovic.

Partizani e tla qala sehla kgahlano le Vora ka la 23 Phato mme ba batla Human hoba karolo ya sehlopha pele sehla se qala.

Sehlopha sena le dibapadi tse Senegal, Nigeria, Congo le Gambia hara dibapadi tse tswang Africa.

Human o qadile ho bapala ho Bidvest Wits academy pele a ka ya ho Maritzburg United, Beitar Tel Aviv Bat Yam ya Israel le Amazulu.

Human o bapala jwalo ka sebapadi se hlaselang le bokgoni ba ho phelephanyetsa lebota la morao ka maoto a potlakileng.

Tumellano ha e ka fihlelwa, Human e tlaba e mong wa dibapadi tsa Africa Boroa ho leba mose le ho thusa sehlopha sa Partizani ho hapa mehope.  

Translator: Kabelo Lehasa

BALA HAPE: motaung-jr-o-re-ho-tsoma-dibapadi-ho-motjheng