
Maseko o ngola maikutlo a hae Instagram
Thapelo Maseko o bua ka karolo e lefifi papading ya hae ya bolo.
Sebapadi sena sa lepheyong sa Mamelodi Sundowns, se fihlile ho Sundowns se tswa ho Supersport United ka Phupu 2023.
Maseko o ile ho Sundowns ka tumelo ya ho nyolla papadi ya hae le boemo ba hae jwalo ka sebapadi.
Ka sontaha sebapadi sena se dilemo tse 21 se ngotseng leqhepheng la sona la Instagram ka moo ho se fumane metsotso ya ho bapala ho a mang lerato la hae la papadi ya bolo.
“Ha ke tsebe ke qale kae, empa morao tjena, tjheseho ka hare ho nna e ntse e fela,” ho realo Maseko.
“Ke ntse ke ikgwetlisa jwalo ka ha e ka bophelo baka bo itshetlehile teng, ke leka tsohle le ntwa tsa monahano empa ha ke utlwe letho.”
“Papadi e kileng ya thabisa moya wa ka, kajeno e utlwahala e le boima le ho bata.”
Maseko o buile ka ho leka tsohle empa o utlwe o sa bonwe le boitshepo boseng bo fokola.
“Ha jwale tshepo e hole, sena ke ha tlhase e fela. Karolo e thata? Ho iponahatsa letsatsi le letsatsi, o rapella ho e fumana hape.”
Maseko e ne e se karolo ya sehlopha se neng se ile club world cup ka phupjane.
Ho ile hwa utlwahala menyenyetse ya sehlopha se batlang Maseko le ha feta taba ya teng e felletse moyeng.
Ha jwale sebapadi sena se lokelwa ke ho lwanela sebaka sehlopheng ha Sundowns e itukisetsa dipapadi tsa kwano lapeng le continenteng.
Translator: Kabelo Lehasa
BALA HAPE: lebaka-hobane-rowan-human-a-tsamaile-kampong-ya-naha
